2026 Leotshe 21, Mmantaha
Morena e ke e be qhobosheaneya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho.
2026 Leotshe 20, Sontaha
Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.2026 Leotshe 19, Moqebelo
Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.2026 Leotshe 18, Labohlane
O se ka itja matla hore o ithuise;eba le bohlale ba ho itshwara.
2026 Leotshe 17, Labone
Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.2026 Leotshe 16, Laboraru
Ke ka baka leo re leng sebete ho re:“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”
2026 Leotshe 15, Labobedi
Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.
2026 Leotshe 14, Mmantaha
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.2026 Leotshe 13, Sontaha
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.2026 Leotshe 12, Moqebelo
Se bue leshano ka molomo wa hao,puo tse thetsang
di se tswe ka hanong la hao.
2026 Leotshe 11, Labohlane
Ha le re ‘e’, le re ‘e’; ha le re ‘tjhe’, le re ‘tjhe’; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.2026 Leotshe 10, Labone
Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.2026 Leotshe 9, Laboraru
Ha ke ne ke patisitswe,ka ipiletsa ho Morena;
Morena a nkarabela, a ntokolla.
2026 Leotshe 8, Labobedi
Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.2026 Leotshe 7, Mmantaha
Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.2026 Leotshe 6, Sontaha
O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetseng
o ba tsosa molota.
2026 Leotshe 5, Moqebelo
Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.2026 Leotshe 4, Labohlane
Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.2026 Leotshe 3, Labone
Ha e le nna ke tla bina,ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.
2026 Leotshe 2, Laboraru
Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!2026 Leotshe 1, Labobedi
Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Morena e ke e be qhobosheaneya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho.