Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.
E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.
Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.