Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”
Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi.
Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.
O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.
Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.
Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.
Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!” Bona! ke ngotse bitso la hao kahara diatla tsa ka, marako a hao ke ntse ke a bona kamehla.