- Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.
- Ho tshaba Morena
ke qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso. - Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo. - Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.
O tseba ha ke dula le ha ke ema,
o hlalohanya mehopolo ya ka,
o e hlalohanya ke sa le hole. - Morena o moholo,
o lokelwa ke thoriso e kgolo,
boholo ba hae ha bo fihlelwe. - Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.
- Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi.
- Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.
- O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
- Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
- Ya bohlale ke mang?
Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona. - Lentswe le eso be teng lemeng la ka,
o se o le tseba hantle, Morena. - Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
- Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,
ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha. - Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.
- Modimo wa rona o mahodimong,
o etsa tsohle tse mo kgahlang. - Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Tlholo
Tshimolohong Modimo o ne...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Dikgopolo
Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe...
Temana ya Bibele ya lehono
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke ka baka leo re leng sebete ho re:“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”Temana ya go latela!