DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Lerato (5/5)

  • Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.
  • Jwalokaha ntata bana
    a ba utlwela bohloko,
    ka mokgwa o jwalo le Morena
    o utlwela ba mo tshabang bohloko.
  • Pelo tsa lona di ke di swabe,
    ho ena le ho hahola
    diaparo tsa lona.
    Kgutlelang ho Morena,
    Morena Modimo wa lona,
    hobane o mosa, o mohau,
    o dieha ho halefa,
    o tletse lerato,
    o hauhela ba etsang bokgopo.
  • O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.
  • O se ke wa re nea tlotla, Morena,
    o se ke wa e nea rona,
    o mpe o e nee lebitso la hao,
    ka baka la mohau wa hao
    le botshepehi ba hao.
  • Haleluja!
    Ho lehlohonolo
    ya tshabang Morena,
    ya thabelang melao ya hae haholo.
  • Hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
  • Hase ka sabole ba hapileng naha eo,
    leha e le ho hlola
    ka matsoho a bona;
    empa e bile
    ka tsoho la hao le letona,
    le ka sefea sa hao,
    le ka ho ba phuthollela
    fahleho sa hao,
    hobane o ne o ba rata.
  • Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.
  • Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.
  • Ke mohau ke wa hao, Morena;
    ke wena ya putsang motho,
    ho ya ka diketso tsa hae.

Temana ya Bibele ya lehono

Ya phelang tshireletsong
ya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela