- Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
- Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.
- Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.
- Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
- Mora wa ka,
se nyedise kgalemelo ya Morena,
se kgathale ha a o laya,
hoba Morena o kgalema
eo a mo ratang,
sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang. - Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.
- Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.
- Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.”
- Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.
- O rata ho loka le toka;
lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena. - Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
- Ya bobedi e tshwanang le yona e re: ‘Rata wa heno jwalokaha o ithata.’
- Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.
- Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.”
- Ntho e le nngwe feela
eo ke e kopang,
eo ke e batlang ho Morena,
ke hore ke phele ka tlung ya Morena
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
ke tle ke bohe
bokgabane ba Morena,
ke bo nahanisise
ke le ka Tempeleng ya hae. - Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?
- Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.
- Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.
- Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.
- Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
- Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
- Ako bontshe mohlanka wa hao,
o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao. - Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle. - Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
- Jwalokaha ntata bana
a ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
Dihlogotaba tša go tswalana
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Potego
Empa Morena o a...
