DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Lerato (3/5)

  • Kgalefo ya hae
    ke ya motsotswana feela,
    lerato la hae
    ke la bophelo bohle ba motho.
    Leha nka robala ka meokgo,
    ha bo esa e se e le nyakallo.
  • Morena o na le kutlwelobohloko,
    Morena o mosa;
    o dieha ho halefa, o tletse mohau.
  • Mohau wa hao o molemo
    ho feta bophelo,
    molomo wa ka o tla o rorisa.
    Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
    ke phahamise matsoho a ka,
    ke a phahamisetse ho wena.
  • O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
  • Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.
  • Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.
  • Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.
  • Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
  • Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.
  • Moo ke reng:
    “Leoto la ka le a thella,”
    mohau wa hao
    o a ntshehetsa, Morena.
  • Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng.
  • Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.
  • “Leha dithaba di ka sisinngwa
    le maralla a suthiswa,
    lerato la ka le matla ho wena
    le ke ke la sisinyeha,
    kapa selekane sa ka sa kgotso
    sa fediswa,”
    ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.
  • Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.
  • Hobane mohau wa hao o moholo,
    o fihla mahodimong,
    le botshepehi ba hao
    bo fihla marung.
  • Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”
  • Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.
  • Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.
  • Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.
  • Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.
  • Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.
  • Wena Morena, o molemo,
    o a tshwarela;
    mohau wa hao o moholo
    ho bohle ba ipiletsang ho wena.
  • Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
  • Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.
  • Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.

Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela