DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Moya wa Modimo (3/3)

  • Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo.
  • Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.
  • Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
  • Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.”
  • Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.
  • Leme le thabisang
    ke fate sa bophelo,
    empa le thetsang
    le senya pelo ya motho.
  • Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!
  • Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.
  • Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
  • Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo:
    “Kreste o ile a hlaha e le motho,
    a pakwa ke Moya hore o lokile,
    mme a bonwa ke mangeloi.
    A phatlalatswa hara baditjhaba,
    a dumelwa ke lefatshe lohle,
    mme a nkelwa tlotleng.”
  • Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
  • Hoja le ka mamela kgalemo ya ka,
    pelo ya ka nkabe ke le bulela yona,
    mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.
  • Moya wa Morena o hodima ka
    hobane a ntlotseditse
    ho bolella mafutsana
    molaetsa o molemo,
    o nthometse
    ho phatlalletsa bathopuwa
    tsa tokoloho,
    le difofu hore di tla tutuboloha,
    le ho lokolla ba hateletsweng.
  • Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
  • Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
  • Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.
  • Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.
  • Ho fihlela Moya o tswang hodimo
    o theolelwa hodima rona,
    lehwatata
    le fetoha kgwiti ya masimo,
    kgwiti eo e tshwana
    le moru o teteaneng.
  • Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.
  • Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
  • Le tla tseba moya o tswang ho Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o pakang Jesu Kreste ya tlileng e le motho, o tswa ho Modimo; athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.
  • Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela