DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tshwarelo (2/2)

  • Empa ka baka la mehauhelo
    e meholo ya hao,
    ha o a ka ba timetsa
    le ho ba furalla,
    hobane o Modimo ya lereko,
    ya mohau.
  • Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.
  • Ke tla ba tshwarela
    makgopo a bona,
    ha ke sa tla hlola
    ke hopola dibe tsa bona.
  • Ho lehlohonolo
    ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
    eo sebe sa hae se hlakotsweng.
  • Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.”
  • “Tloong re lokise ditaba,”
    ho rialo Morena.
    “Leha dibe tsa lona
    di ka ba kgubedu,
    di tla sweufala jwaloka lehlwa;
    leha di ka ba kgubedu tlere!
    di tla sweufala jwaloka boya.”
  • O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
  • Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.
  • Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.
  • O tla boela o re utlwela bohloko,
    makgopo a rona o a hatakella fatshe,
    dibe tsa rona
    o di lahlela botebong ba lewatle.
  • Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
  • Itokisetseng tseo le tla di bua,
    le kgutlele ho Morena,
    le re ho yena:
    “Ako re tshwarele
    bokgopo bohle ba rona,
    mme thapedi ya rona o e amohele.
    Bakeng sa ho nyehela
    ka mahlabelo a dipohwana,
    re tla o boka ka melomo ya rona.”
  • A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
  • Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.

Temana ya Bibele ya lehono

Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Empa ba tshepileng Morena
ba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela