DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tumelo (2/4)

  • Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.
  • Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
  • Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.
  • Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!
  • A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”
  • Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.
  • Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”
  • Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
  • Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.
  • Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.
  • Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.
  • Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.
  • Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.
  • Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.
  • Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.
  • Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.
  • Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”
  • Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.
  • Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
  • Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.
  • Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.
  • Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”
  • Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”
  • Bona, ya kgopo yena
    a ke ke a phela,
    athe ya lokileng
    o tla phela ka tumelo ya hae.
  • Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.

Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Morena o tla o sireletsa,
a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela