DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tumelo (3/4)

  • Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
  • Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
  • Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala.”
  • Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
  • Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.
  • E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.
  • Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
  • Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.
  • Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.
  • Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
  • Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo.
  • Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
  • Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
  • Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.
  • Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.
  • Hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
  • Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
  • Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano. Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.
  • Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.
  • Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong.
  • Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
  • Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.
  • Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.
  • Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.
  • Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo:
    “Kreste o ile a hlaha e le motho,
    a pakwa ke Moya hore o lokile,
    mme a bonwa ke mangeloi.
    A phatlalatswa hara baditjhaba,
    a dumelwa ke lefatshe lohle,
    mme a nkelwa tlotleng.”

Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,
nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela