- Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.
- Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!
- Pholoho ya ka
e tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka. - Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
- “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
- Jwalokaha tsela ya moya
o sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle. - Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.
- Mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.
- Thuso ya rona e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe. - Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Batlang Morena le matla a hae;
le nne le batle fahleho sa hae,
le se batle kamehla le mehla. - Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.
- Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao. - Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
- Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.
- Ntho e le nngwe feela
eo ke e kopang,
eo ke e batlang ho Morena,
ke hore ke phele ka tlung ya Morena
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
ke tle ke bohe
bokgabane ba Morena,
ke bo nahanisise
ke le ka Tempeleng ya hae. - Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho.
- Tsena tsohle
di tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng. - Haeba e se Morena
ya hahang ntlo,
ba e hahang ba sebeletsa lelea.
Haeba e se Morena
ya lebelang motse,
ya o lebelang o fadimehela lefeela. - Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
- Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo. - Modimo ke mang,
haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona? - Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.
- Lebitso la Morena ke qhobosheane,
ya lokileng o tshabela teng,
a sireletsehe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Potego
Empa Morena o a...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Maatla
O se ke wa...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Temana ya Bibele ya lehono
Mpho e betlela mofani tsela,e mmee kapele ho mahosi a hae.
