DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Modimo (3/4)

  • Ya entseng hore tsee di etsahale
    ke mang?
    ya bitsitseng meloko
    ho tloha tshimolohong
    ke mang?
    Ke nna Morena,
    ebile ke nna wa ho qala,
    ke nna Morena
    ya tla ba le ba ho qetela.
  • Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
  • Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.
  • Kgaotsang, le tsebe
    hore nna ke Modimo,
    ke tla okamela ditjhaba,
    ke okamele lefatshe.
  • Modimo o re hlohonolofaditse,
    a tshajwe ke bohle lefatsheng,
    ho isa dipheletsong tsa lona.
  • Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,
    ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
    ba ke ke ba hloka letho le molemo.
  • Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.
  • Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.
  • Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
  • Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.
  • Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.
  • Morena o beile leihlo la hae
    ho ba mo tshabang,
    bona ba tshepileng mohau wa hae.
  • Borui, le bohlale,
    le tsebo ya Modimo
    di kaakang!
    Dikahlolo tsa hae
    di ka hlaloswa jwang!
    Ditsela tsa hae
    di ka utlwisiswa jwang!
  • Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”
  • Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.
  • Jwalokaha kgama
    e labalabela metsi a melatswana,
    le wona moya wa ka
    o o labalabela jwalo,
    o labalabela wena Modimo.
  • Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.
  • Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.
  • Wena Morena,
    o busa kamehla yohle,
    terone ya hao
    e hlomamiseditswe meloko yohle.
  • Modimo hase motho
    hoo a ka buang leshano,
    hase mora wa motho
    hoo a ka inyatsang.
    Na seo a se bolelang
    a ke ke a se etsa?
    Na seo a se buileng
    a ke ke a se phetha?
  • Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.
  • Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.
  • Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.
  • “Na motho a ka ipata
    dikgotjheletsaneng,
    a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
    ho rialo Morena.
    “Na ha ke fumanwe
    lehodimong le lefatsheng?”
    ho rialo Morena.
  • Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.

Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.
Bala tše dingwe...