DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Modimo (4/4)

  • Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.
  • Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
  • Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.
  • Lefatshe ke la Morena
    le tsohle tse ho lona,
    lefatshe le bohle
    ba ahileng ho lona.
  • Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
  • Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.
  • “Na motho a ka ipata
    dikgotjheletsaneng,
    a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
    ho rialo Morena.
    “Na ha ke fumanwe
    lehodimong le lefatsheng?”
    ho rialo Morena.
  • Ke a o thabela,
    ke nyakallela ho wena;
    ke roka lebitso la hao,
    wena Ya Hodimodimo.
  • Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.
  • Diphiri di senolwa ke yena,
    tse mafifing le tsona o a di tseba,
    leaho la lesedi le fumanwa ho yena.
  • Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.
  • Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.
  • Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”
  • Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.
  • Modimo wa rona o mahodimong,
    o etsa tsohle tse mo kgahlang.
  • Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo.
  • Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
  • Ya Matla wohle
    re ke ke ra mo fihlela,
    o re phahametse ka matla
    le ka dikahlolo,
    a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
  • Modimo ke mang,
    haese Morena?
    Lefika ke mang,
    haese Modimo wa rona?
  • Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.”
  • Mahlong a hao dilemo tse sekete
    di ka letsatsi la maobane
    le seng le fetile,
    di ka nakwana ya bosiu.
  • Yena eo leaho la hae
    le leng mahodimong,
    metheo ya lona
    o e hlomme hodima lefatshe;
    yena ya bokellang metsi a lewatle,
    a a bokelle,
    a a tshollele hodima lefatshe;
    lebitso la hae ke Morena.
  • Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.
  • Ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”
  • Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.

Temana ya Bibele ya lehono

Jwalokaha ntata bana
a ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela