Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.
Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.
O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
Rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?
Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.
Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.
Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.