- Morena o molemo, ke setshabelo;
ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa. - Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele. - Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa. - Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena. - O baballa ba lokileng
tseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse. - Ya sedi o elellwa kotsi,
a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing. - Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
kapa ba nyorwa;
ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
kapa lebatama lefe kapa lefe,
hobane Konyana
e bohareng ba terone
e tla ba disa,
e ba ise didibeng
tsa metsi a bophelo.
Modimo o tla hlakola
meokgo yohle mahlong a bona. - Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle. - Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
- Morena e ke e be qhobosheane
ya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho. - O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi. - Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
- O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen. - Ke yena feela lefika la ka
le pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.
- Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe. - Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
- Morena o sireletsa bajaki,
o thusa kgutsana le mohlolohadi,
athe merero ya ba kgopo
o a e nyopisa. - Morena, ke wena lebone la ka,
Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka. - Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,
lona ba mamelang taelo ya Morena,
batlang Morena, le mmatlisise.
Batlang ho loka,
le batle boikokobetso;
mohlomong le ka sireletseha
mohla tsatsi la kgalefo ya Morena. - A ke ke a sisinngwa le ka mohla,
ya lokileng o tla nne a hopolwe,
a hopolwe kamehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Polokego
Empa Morena o a...
Potego
Empa Morena o a...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Mpe
O se ke wa...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...