- Bona, ya kgopo yena
a ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae. - Eya, o itjelle dijo ka thabo,
o inwelle veine o nyakaletse,
hoba Modimo o sa kgahlisitswe
ke ketso tsa hao. - Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,
hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.” - Mahlong a hao dilemo tse sekete
di ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu. - Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.
- Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
- Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona, empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.
- Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
- Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.
- Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.
- Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.
- Ya kgopo
a furalle ditsela tsa hae,
molotsana
a furalle mehopolo ya hae,
a sokolohele ho Morena wa hae,
mme Morena o tla mo hauhela;
a sokolohele ho Modimo wa rona,
hobane yena o tshwarela haholo. - Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.
- Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.
- Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.
- Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”
- Ke tla binela Morena
ha ke ntse ke phela,
ke roke Modimo
bophelong ba ka bohle. - Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.”
- Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
- O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.
- Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.
- A re hlahlobeng tsela tsa rona,
re di lekole,
ebe re boela re kgutlela ho Morena. - Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.
- Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.
- Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.
Dihlogotaba tša go tswalana
Dijo
O ile a tima...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tlholo
Tshimolohong Modimo o ne...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o re laetse tjena:“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”Temana ya go latela!