- Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
- Nthute tsela ya hao Morena,
ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao. - Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.
- Ya phahameng, ya hodimodimo,
yena ya phelang kamehla yohle,
eo lebitso la hae le halalelang, o re:
“Ke phela bakeng se phahameng,
bakeng se halalelang,
ya robehileng moya,
ke phela le yena,
le ya ikokobeditseng
ke phela le yena,
ke kgothatsa ya ikokobetsang,
ke kgothatsa ya robehileng moya.” - Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”
- Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:
“Mpatleng, le tle le phele.” - Mora wa ka, mamela,
o amohele polelo tsa ka,
lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. - Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.
- Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa. - Lefatshe ke la Morena
le tsohle tse ho lona,
lefatshe le bohle
ba ahileng ho lona. - Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.
- Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa, empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona.
- Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.
- Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
- Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.
- Ho lehlohonolo
ba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena. - Tsohle jwale di utlwahetse,
mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho. - Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.
- Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.
- Bontshang ka diketso hore le bakile.
- Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.
- Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena. Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.
- Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.
- Bona, ya kgopo yena
a ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae. - Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Dijo
O ile a tima...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tlholo
Tshimolohong Modimo o ne...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Temana ya Bibele ya lehono
Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Mpho e betlela mofani tsela,e mmee kapele ho mahosi a hae.Temana ya go latela!
