- Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
- Hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
- O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng. - Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
- Nke ke ka lebala
ditaelo tsa hao le ka mohla,
hobane ke ka tsona
o nneang bophelo. - Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
- Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
- Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.
- Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.
- Tsela e teng e bonahalang
e lokile ho monga yona,
empa e qetella ka ho isa lefung. - Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.
- Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.
- Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
- Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!
- Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.
- Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa. - Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.
- Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.
- Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
- Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”
- Hopola Mmopi wa hao
o sa le motjha,
matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,
ho eso tle dilemo
tseo ka tsona o tla re:
“Ha ke sa thabiswa
ke letho ho tsona!” - Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
- Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
- Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.
- Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Dijo
O ile a tima...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tlholo
Tshimolohong Modimo o ne...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Temana ya Bibele ya lehono
O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.
