DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Bophelo (2/6)

  • Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
  • Ipee matsohong a Morena;
    o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
    O tla etsa
    hore ho loka ha hao ho kganye,
    ho kganye jwaloka lesedi,
    le ditokelo tsa hao
    di kganye jwaloka letsatsi,
    motsheare o moholo.
  • Ya ipatlelang bohlale
    o rata bophelo ba hae,
    ya nang le kelello,
    katleho ke ya hae.
  • Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.
  • Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.
  • Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.
  • Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.
  • Lena ke lona letsatsi
    le entsweng ke Morena;
    a re nyakalleng,
    re thabeng ke hona.
  • Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.
  • Empa nna Modimo o a nthusa,
    Morena ke mmaballi e moholo,
    ke mmaballi wa bophelo ba ka.
  • Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.
  • Pelo e tletse mano
    ho feta dintho tsohle,
    e senyehile
    hoo e ke keng ya phekolwa,
    ke mang ya ka e utlwisisang?
    “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
    mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
    Ke putsa motho
    ho ya ka diketso tsa hae,
    ho latela tholwana
    tsa mesebetsi ya hae.”
  • Mora wa ka,
    se lebale thuto ya ka,
    pelong ya hao
    melao ya ka o e boloke,
    o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
    lemo tsa kgotso di tle di o atele.
  • O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
  • E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.
  • Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.
  • Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.
  • Qamaka ka hloko
    moo o hatang teng,
    tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
  • Mohau wa hao o molemo
    ho feta bophelo,
    molomo wa ka o tla o rorisa.
    Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
    ke phahamise matsoho a ka,
    ke a phahamisetse ho wena.
  • Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.
  • Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.
  • Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”
  • Tshepo e sa phethahaleng
    e nyahamisa pelo,
    takatso tse phethahatswang
    di ka fate sa bophelo.
  • Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
  • Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.

Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”
Bala tše dingwe...