DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go belaela

  • Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
  • O se ke wa tshaba,
    hobane ke na le wena,
    o se tsielehe,
    hobane ke Modimo wa hao.
    Ke tla o matlafatsa,
    ke be ke o thuse,
    ke o tshehetse
    ka tsoho la ka le letona,
    ka tsoho le letona
    le etsang ho loka.
  • Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
  • Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
  • Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.
  • Ha pelo ya ka e touta haholo,
    matshediso a hao
    a hlabolla moya wa ka.
  • Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.
  • Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
  • Ho feha matshwafo
    ho nyahamisa pelo ya motho,
    polelo e monate yona e a e thoba.
  • Morena, o tseba tsohle
    tseo ke di lakatsang,
    ho fehelwa ha ka
    ha ho a pateha ho wena.
  • Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
  • Bohlale bo bongata
    bo tlisa mahlomola a mangata,
    ya eketsang tsebo
    o ikekeletsa maswabi.
  • Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.
  • Kahoo fedisa matshwenyeho
    a pelo ya hao,
    o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
    hoba bongwana le botjha
    ke mafeelafeelane.
  • Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.
  • Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
  • Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
  • Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
    o re:
    “Ke tswetswe ke mme ke le feela,
    ke tla ya lebitleng
    ke ntse ke le feela.
    Morena o na fane,
    Morena o amohile,
    ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
  • Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
  • Ke a tseba:
    Mopholosi wa ka o a phela,
    qetellong o tla ema a mpakele.
  • Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela