Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.
Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”
Ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
“Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.”
Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.