DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Go direla/hlankela (3/3)

  • Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.
  • Modimo, ako bontshe
    hore o okametse mahodimo,
    tlotla ya hao
    e phahamele lefatshe lohle.
  • Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
    ha ke se ke ithutile
    dikahlolo tsa hao tse lokileng.
  • Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!
  • Mme mang le mang
    ya tla rapela Morena
    o tla pholoswa!
  • Ke a o thabela,
    ke nyakallela ho wena;
    ke roka lebitso la hao,
    wena Ya Hodimodimo.
  • Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!
  • Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.
  • Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:
    “Hosanna ho Mora wa Davida!
    Ho bokwe
    ya tlang ka lebitso la Morena!
    Hosanna mahodimong
    a hodimodimo!”
  • Lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
  • Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
  • Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.
  • Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
  • Qaleho ya bohlale
    ke ho tshaba Morena,
    bohle ba sedi ba phela jwalo.
    O lokelwa ke thoriso kamehla.
  • Ke tla binela Morena
    ha ke ntse ke phela,
    ke roke Modimo
    bophelong ba ka bohle.
  • Wena Modimo
    wa baholoholo ba heso,
    ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla,
    wena ya nneileng bohlale le matla,
    wa ntshenolela
    seo re se kopileng ho wena,
    wa re senolela
    seo kgosi e se batlang.
  • Tlotla e be ho Modimo
    mahodimong a hodimodimo,
    kgotso e be lefatsheng
    ho batho ba mo kgahlang!
  • Binelang Morena,
    hobane o entse tse tlotlehang,
    tsena le di tsebise lefatshe lohle.
  • Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
    o re:
    “Ke tswetswe ke mme ke le feela,
    ke tla ya lebitleng
    ke ntse ke le feela.
    Morena o na fane,
    Morena o amohile,
    ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
  • Modimo, bontsha hore
    o okametse mahodimo,
    tlotla ya hao
    e phahamele lefatshe lohle.
  • Ako re thuse, Modimo,
    wena mopholosi wa rona,
    bitso la hao le tle le tlotliswe;
    ako re namolele,
    mme o re tshwarele dibe
    ka baka la lebitso la hao.
  • Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.
  • Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.
  • Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
  • Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela