- Ho bokwe Morena
ka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona. - Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.
- Empa nna Modimo o a nthusa,
Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka. - Ke tshabela ho wena Morena;
ke se ke ka hlajwa ke dihlong
le ka mohla.
Ako nnamolele
ka baka la ho loka ha hao. - Empa wena Morena,
o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota. - O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
- Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka. - Morena o a futsanehisa,
o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa. - Pholoho e tswa ho Morena.
Tlhohonolofatso ya hao
e ke e be hodima setjhaba sa hao. - Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
o re:
“Ke tswetswe ke mme ke le feela,
ke tla ya lebitleng
ke ntse ke le feela.
Morena o na fane,
Morena o amohile,
ho ke ho roriswe lebitso la hae.” - O re fe kajeno bohobe ba rona
ba tsatsi le leng le le leng. - Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.
- Modimo wa rona o mahodimong,
o etsa tsohle tse mo kgahlang. - Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.
- Morena, ke wena lebone la ka,
Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka. - Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
yare ha ba kgotshe
ba qala ho ikgohomosa,
kahoo yaba ba se ba ntebala. - Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.
- Ke phahamisa matsoho a ka,
ke a phahamisetsa ho wena,
moya wa ka o o nyoretswe
jwaloka lefatshe le omeletseng. - Leha ho le jwalo, Morena,
wena o ntata rona;
rona re letsopa, wena o sebopi,
bohle re mosebetsi
wa matsoho a hao.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bophelo
Morena o tla o...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Setlabelo
A re hlokomelaneng, mme...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Maatla
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Mphodise, Morena,mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang.Temana ya go latela!
