- Ngwana ya bohlale
o thabisa ntatae,
ngwana ya sethoto
ke masisapelo ho mmae. - Maruo a fumanweng ka bokgopo
ha a na thuso,
empa toka e lokolla motho lefung. - Mahlohonolo a aparela ba lokileng,
polelo tsa ya kgopo
di kwetlile bosoro. - Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
ho lehlohonolo,
empa bitso la ya kgopo
le ke ke la hopolwa. - Ya bohlale
o tla mamela molao pelong ya hae,
sethoto se beberang
sona se tla timela. - Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa. - Lehloyo le fehla moferefere,
athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle. - Ya mamelang ha a kgalengwa
o tseleng ya bophelo,
empa ya sa mameleng,
yena o a kgeloha. - Ya patang lehloyo ke mothetsi,
ya sebang ba bang, yena ke sethoto. - Ya buang haholo
sebe se teng polelong tsa hae,
ya sa buabueng
yena ke motho ya bohlale. - Polelo tsa ya lokileng
ke silefera e hlwekisitsweng,
pelo ya ya kgopo ha e na thuso. - Hlohonolo la Morena
le entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang. - Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela. - Tsela ya Morena
ke tshabelo sa ba lokileng,
empa ba kgopo bona e a ba timetsa. - Ya lokileng
o bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba.
Dihlogotaba tša go tswalana
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Sebe
Kapa na ha le...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Go sekama
Morena o hloile motho...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.Temana ya go latela!