DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Molao (3/5)

  • Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano. Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.
  • Haleluja!
    Ho lehlohonolo
    ya tshabang Morena,
    ya thabelang melao ya hae haholo.
  • Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”
  • Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.
  • Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.
  • Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.
  • Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.
  • Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.
  • Ya bobedi e tshwanang le yona e re: ‘Rata wa heno jwalokaha o ithata.’
  • Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?
  • Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.
  • Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.
  • Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.
  • Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.
  • Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.
  • Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.
  • Oho, Morena, re o emetse,
    re tsamaya tseleng
    ya dikahlolo tsa hao;
    lebitso la hao le botumo ba hao
    ke tsona tseo re di labalabelang.
  • Nnete ke moko wa lentswe la hao,
    dikahlolo tsohle tsa hao
    ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.
  • Ditemoso tsa hao
    ke lefa la ka la mehla yohle,
    ke thabo ya pelo ya ka.
  • Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao.
  • O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
  • Tsela ya Morena
    ke tshabelo sa ba lokileng,
    empa ba kgopo bona e a ba timetsa.
  • Ke thabela
    ho latela ditemoso tsa hao,
    ho feta maruo wohle.
  • Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.
  • Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.

Nke ke ka lebala
ditaelo tsa hao le ka mohla,
hobane ke ka tsona
o nneang bophelo.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela