DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Moputso (2/2)

  • Pelo e tletse mano
    ho feta dintho tsohle,
    e senyehile
    hoo e ke keng ya phekolwa,
    ke mang ya ka e utlwisisang?
    “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
    mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
    Ke putsa motho
    ho ya ka diketso tsa hae,
    ho latela tholwana
    tsa mesebetsi ya hae.”
  • Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.
  • Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.
  • Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.
  • Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
  • Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
  • Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.
  • Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.
  • Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.
  • Ya sebetsang ka thata
    ke yena ya tla busa,
    empa sekgoba sona
    se tla fetoha lekgoba.
  • Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.
  • Ho lehlohonolo setjhaba
    seo Morena e leng Modimo wa sona,
    morabe oo a ikgethetseng wona,
    a ikgethela wona ho ba leruo la hae.
  • Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
  • Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
  • Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.
  • Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
  • Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
  • Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
  • Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho, hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
  • Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
  • Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
  • Ke mohau ke wa hao, Morena;
    ke wena ya putsang motho,
    ho ya ka diketso tsa hae.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Bonang, ho hotle,
ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso!
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela