2024 Phata 31, Moqebelo
Mme mang le mangya tla rapela Morena
o tla pholoswa!
2024 Phata 30, Labohlane
Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.2024 Phata 29, Labone
Baballa pelo ya hao,e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo.
2024 Phata 28, Laboraru
Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.2024 Phata 27, Labobedi
Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.2024 Phata 26, Mmantaha
Modimo wa rona o mahodimong,o etsa tsohle tse mo kgahlang.
2024 Phata 25, Sontaha
Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.2024 Phata 24, Moqebelo
Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.2024 Phata 23, Labohlane
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.
2024 Phata 22, Labone
Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.2024 Phata 21, Laboraru
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.2024 Phata 20, Labobedi
Kgalefo ya haeke ya motsotswana feela,
lerato la hae
ke la bophelo bohle ba motho.
Leha nka robala ka meokgo,
ha bo esa e se e le nyakallo.
2024 Phata 19, Mmantaha
Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.2024 Phata 18, Sontaha
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.2024 Phata 17, Moqebelo
Ke hlakotse tshito tsa haojwaloka leru,
ka hlakola dibe tsa hao
jwaloka mohodi,
kgutlela ho nna,
hobane ke o lopolotse.
2024 Phata 16, Labohlane
Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong.2024 Phata 15, Labone
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.2024 Phata 14, Laboraru
Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;
mohau wa hao o moholo
ho bohle ba ipiletsang ho wena.
2024 Phata 13, Labobedi
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?2024 Phata 12, Mmantaha
Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.2024 Phata 11, Sontaha
Pelong tsa ba rerang bobeho tletse thetso,
empa tsa ba rerang kgotso
tsona di tletse thabo.
2024 Phata 10, Moqebelo
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.2024 Phata 9, Labohlane
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.”2024 Phata 8, Labone
Jwalokaha botjhabelabo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo.
2024 Phata 7, Laboraru
Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.2024 Phata 6, Labobedi
Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng.2024 Phata 5, Mmantaha
Itlhatsweng, le itlhwekise,tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo.
2024 Phata 4, Sontaha
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.2024 Phata 2, Labohlane
Ke ile ka batla Morena,mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.
2024 Phata 1, Labone
Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...