DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Leotshe 2024

2024 Leotshe 30, Mmantaha

Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.

2024 Leotshe 29, Sontaha

Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.

2024 Leotshe 28, Moqebelo

Le dipolelo
tseo ke di buang di jwalo,
di ke ke tsa kgutlela ho nna
di sa sebetsa letho,
empa di tla phethahatsa
seo ke se ratang,
di phethe merero
eo ke di rometseng ho e phetha.

2024 Leotshe 27, Labohlane

Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.

2024 Leotshe 26, Labone

Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.

2024 Leotshe 25, Laboraru

Ruri lehlohonolo le mohau
di tla ba le nna,
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
ke phele kateng kamehla yohle.

2024 Leotshe 24, Labobedi

Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.

2024 Leotshe 23, Mmantaha

Ho lehlohonolo
ba futsanehileng moyeng,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona.

2024 Leotshe 22, Sontaha

Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.

2024 Leotshe 21, Moqebelo

Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.

2024 Leotshe 20, Labohlane

Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.

2024 Leotshe 19, Labone

Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle.

2024 Leotshe 18, Laboraru

Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”

2024 Leotshe 17, Labobedi

Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha,
athe tsa sethoto tsona
di a se timetsa.

2024 Leotshe 16, Mmantaha

Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,
hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.

2024 Leotshe 15, Sontaha

Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.

2024 Leotshe 14, Moqebelo

Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.

2024 Leotshe 13, Labohlane

Thuso ya rona e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.

2024 Leotshe 12, Labone

Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.

2024 Leotshe 11, Laboraru

Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.

2024 Leotshe 10, Labobedi

Leleme le ka phedisa,
hape le ka bolaya,
ba ratang ho hehla
ba tla kotula tholwana tsa hona.

2024 Leotshe 9, Mmantaha

Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!

2024 Leotshe 8, Sontaha

Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.

2024 Leotshe 7, Moqebelo

Morena, molemo wa hao
o mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena.

2024 Leotshe 6, Labohlane

Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.

2024 Leotshe 5, Labone

Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.

2024 Leotshe 4, Laboraru

Mohla tsatsi leo, le tla re:
“Lebohang Morena, le mo rapele,
phatlalatsang mesebetsi ya hae
hara ditjhaba,
le bolele hore bitso la hae le leholo.”

2024 Leotshe 3, Labobedi

Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.

2024 Leotshe 2, Mmantaha

Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.

2024 Leotshe 1, Sontaha

Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao.