DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Mphalane 2024

2024 Mphalane 31, Labone

Thabela Morena,
mme o tla o nea tse lakatswang
ke pelo ya hao.

2024 Mphalane 30, Laboraru

Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.

2024 Mphalane 29, Labobedi

Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.

2024 Mphalane 28, Mmantaha

Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena.

2024 Mphalane 27, Sontaha

‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.

2024 Mphalane 26, Moqebelo

Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.

2024 Mphalane 25, Labohlane

Ho ya tshepahalang, o a tshepahala;
ho ya se nang kodi, o hloka kodi.

2024 Mphalane 24, Labone

Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.

2024 Mphalane 23, Laboraru

Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.

2024 Mphalane 22, Labobedi

Boikakaso bo etella timelo pele,
boikokobetso bona
bo tla pele ho tlotla.

2024 Mphalane 21, Mmantaha

Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.

2024 Mphalane 20, Sontaha

Hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.

2024 Mphalane 19, Moqebelo

Ho lehlohonolo bohle,
bohle ba tshabang Morena,
ba tsamayang ditseleng tsa hae.

2024 Mphalane 18, Labohlane

Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.

2024 Mphalane 17, Labone

Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.

2024 Mphalane 16, Laboraru

Batlang Morena
ha a sa ntse a ka fumanwa,
ipiletseng ho yena a sa le haufi.

2024 Mphalane 15, Labobedi

Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

2024 Mphalane 14, Mmantaha

Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.

2024 Mphalane 13, Sontaha

Modimo o re hlohonolofaditse,
a tshajwe ke bohle lefatsheng,
ho isa dipheletsong tsa lona.

2024 Mphalane 12, Moqebelo

Le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’

2024 Mphalane 11, Labohlane

Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.

2024 Mphalane 10, Labone

Bitso le letle le molemo
ho feta maruo a mangata,
ho hlompheha ho molemo
ho feta silefera kapa kgauta.

2024 Mphalane 9, Laboraru

Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.

2024 Mphalane 8, Labobedi

Maruo le hlompho di tswa ho wena,
tsohle di buswa ke wena;
tsoho la hao le matla, le sefea,
ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.

2024 Mphalane 7, Mmantaha

Mahodimo a phatlalatsa
tlotla ya Morena,
sebaka sa lehodimo se a bolela,
se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
letsatsi ka leng le phetela le leng,
bosiu ka bong bo tsebisa bo bong.

2024 Mphalane 6, Sontaha

Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.

2024 Mphalane 5, Moqebelo

Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?

2024 Mphalane 4, Labohlane

Ya diehang ho halefa
o na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto.

2024 Mphalane 3, Labone

Ruri Morena Modimo
ha a ke a etsa letho
a eso senole morero wa hae,
a o senolela bahlanka ba hae,
bahlanka ba hae, baporofeta.

2024 Mphalane 2, Laboraru

Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.

2024 Mphalane 1, Labobedi

Ke tla o tumisa,
wena Modimo wa ka
o leng Kgosi ya ka,
ke boke lebitso la hao
kamehla le mehla.