Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”
Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.
Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.
Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.
Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.