Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.
A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”
Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”
Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.
O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.
Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.”
Morena a le hlohonolofatse, a le baballe. Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. Morena a le tadime ka lerato, a le nee kgotso.