Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.
A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”
Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
Le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.
O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.
Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa. O ntlhekela tsela e batsi, maoto a ka ha a thelle.
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.