- Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.
- Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
- O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.
- Polelo tsohle tsa Modimo
ke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang. - Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
- Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
- Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena. - Ke bolokile tshepiso ya hao,
ka e boloka ka pelong ya ka,
hore ke se ke ka o sitelwa. - Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
- Nnete ke moko wa lentswe la hao,
dikahlolo tsohle tsa hao
ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. - Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng.
- Ke tshepile Morena,
moya wa ka
o tshepile lentswe la hae. - A laela, mme ba fola,
a ba phemisa lebitla. - Molao wa Morena o phethehile,
ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto. - Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’
- Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
- Iphumanele bohlale,
iphumanele kutlwisiso,
se lebale polelo tsa ka,
o se di kgelohe. - Ya le bitsang o a tshepahala, mme hona o tla ho etsa.
- Mora wa ka, mamela,
o amohele polelo tsa ka,
lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. - Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona.
- Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
- Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.
- Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.
- Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng.”
- Thuto tsa ka
di tla rotha jwaloka pula,
polelo tsa ka
di monyele jwaloka phoka,
jwaloka lefafatsane
hodima jwang bo botalana,
le jwaloka modupe hodima dijalo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Potego
Empa Morena o a...
Bophelo
Morena o tla o...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Go theeletša
Bana beso ba ratehang...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
