2015 Hlakubele 31, Labobedi
Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.2015 Hlakubele 30, Mmantaha
Kamehlake ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
2015 Hlakubele 29, Sontaha
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:“Hosanna ho Mora wa Davida!
Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena!
Hosanna mahodimong
a hodimodimo!”
2015 Hlakubele 28, Moqebelo
Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.2015 Hlakubele 27, Labohlane
Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.
2015 Hlakubele 26, Labone
Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.2015 Hlakubele 25, Laboraru
Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.2015 Hlakubele 24, Labobedi
Nnete ke moko wa lentswe la hao,dikahlolo tsohle tsa hao
ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.
2015 Hlakubele 23, Mmantaha
Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.2015 Hlakubele 22, Sontaha
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.2015 Hlakubele 21, Moqebelo
Ho etsa ho lokilengle ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.
2015 Hlakubele 20, Labohlane
Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae,o tlotlisa bahlophehi
ka ho ba pholosa.
2015 Hlakubele 19, Labone
Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.2015 Hlakubele 18, Laboraru
Morena Modimo wa hao,o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete.
2015 Hlakubele 17, Labobedi
Ba ratang Molao wa haoba na le kgotso e phethehileng,
ha ho na se ka ba kgopang.
2015 Hlakubele 16, Mmantaha
Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.
2015 Hlakubele 15, Sontaha
Ke thabelaho latela ditemoso tsa hao,
ho feta maruo wohle.
2015 Hlakubele 14, Moqebelo
Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.2015 Hlakubele 13, Labohlane
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.2015 Hlakubele 12, Labone
Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.
2015 Hlakubele 11, Laboraru
O boloka kgotsoya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile.
2015 Hlakubele 10, Labobedi
Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”2015 Hlakubele 9, Mmantaha
Tloong,a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona.
2015 Hlakubele 8, Sontaha
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.2015 Hlakubele 7, Moqebelo
Empa jwalokaha ho ngotswe,“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”
2015 Hlakubele 6, Labohlane
Motsheare Morena o tla ntshitsa,a ntshitse ka mohau wa hae;
bosiu ke tla mminela,
ke rapele Modimo ya mphedisang.
2015 Hlakubele 5, Labone
Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.2015 Hlakubele 4, Laboraru
Ha o tshela hara madibake tla ba le wena;
ha o tshela dinoka
ha di ka ke tsa o nka.
Ha o tsamaya hara mollo
ha o ka ke wa tjha,
malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
2015 Hlakubele 3, Labobedi
Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.2015 Hlakubele 2, Mmantaha
Empa mohau wa Morena,ho ba mo tshabang,
ke wa kamehla yohle,
e se nang qaleho le qetello;
le ho loka ha hae ho fihla
le ditlohotloholwaneng tsa bona,
ho ba bolokang selekane sa hae,
ba hopolang
ho phethahatsa ditaelo tsa hae.
2015 Hlakubele 1, Sontaha
Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...