DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Hlakola 2015)

2015 Hlakola 28, Moqebelo

O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.

2015 Hlakola 27, Labohlane

Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.

2015 Hlakola 26, Labone

Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.

2015 Hlakola 25, Laboraru

Molomong wa ka
ho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.

2015 Hlakola 24, Labobedi

Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.

2015 Hlakola 23, Mmantaha

Mohla tsatsi leo, le tla re:
“Lebohang Morena, le mo rapele,
phatlalatsang mesebetsi ya hae
hara ditjhaba,
le bolele hore bitso la hae le leholo.”

2015 Hlakola 22, Sontaha

Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.

2015 Hlakola 21, Moqebelo

Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.

2015 Hlakola 20, Labohlane

Ho lehlohonolo setjhaba
seo Morena e leng Modimo wa sona,
morabe oo a ikgethetseng wona,
a ikgethela wona ho ba leruo la hae.

2015 Hlakola 19, Labone

Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.

2015 Hlakola 18, Laboraru

A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:
‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ”

2015 Hlakola 17, Labobedi

Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.

2015 Hlakola 16, Mmantaha

Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.

2015 Hlakola 15, Sontaha

Ho loka ho atlehisa setjhaba,
empa sebe ke sekgobo ho sona.

2015 Hlakola 14, Moqebelo

Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.

2015 Hlakola 13, Labohlane

Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.

2015 Hlakola 12, Labone

Bonang, ho hotle,
ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso!

2015 Hlakola 11, Laboraru

Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.

2015 Hlakola 10, Labobedi

Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.

2015 Hlakola 9, Mmantaha

Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.”

2015 Hlakola 8, Sontaha

Boikakaso ba motho bo a mo diha,
empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.

2015 Hlakola 7, Moqebelo

Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

2015 Hlakola 6, Labohlane

Binelang Modimo,
rokang lebitso la hae,
lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
Lebitso la hae ke Morena,
nyakallang mahlong a hae.
Modimo ke ntata dikgutsana,
ke mosireletsi wa bahlolohadi,
o leahong la hae le halalelang.

2015 Hlakola 5, Labone

Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.

2015 Hlakola 4, Laboraru

Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.

2015 Hlakola 3, Labobedi

Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.

2015 Hlakola 2, Mmantaha

Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
ha ke se ke ithutile
dikahlolo tsa hao tse lokileng.

2015 Hlakola 1, Sontaha

Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela