DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phesekgong 2015)

2015 Phesekgong 31, Moqebelo

‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’

2015 Phesekgong 30, Labohlane

Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.

2015 Phesekgong 29, Labone

Morena o tla o sireletsa,
a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.

2015 Phesekgong 28, Laboraru

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

2015 Phesekgong 27, Labobedi

Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.

2015 Phesekgong 26, Mmantaha

Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha
ho boloka melao ya hao.

2015 Phesekgong 25, Sontaha

Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.

2015 Phesekgong 24, Moqebelo

Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.

2015 Phesekgong 23, Labohlane

Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.

2015 Phesekgong 22, Labone

Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.

2015 Phesekgong 21, Laboraru

Nke ke ka lebala
ditaelo tsa hao le ka mohla,
hobane ke ka tsona
o nneang bophelo.

2015 Phesekgong 20, Labobedi

Lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.

2015 Phesekgong 19, Mmantaha

Boikokobetso le ho tshaba Morena
di tlisa leruo le tlotla le bophelo.

2015 Phesekgong 18, Sontaha

Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.

2015 Phesekgong 17, Moqebelo

Boholo, le matla, le tlotla
ke tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.

2015 Phesekgong 16, Labohlane

Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.

2015 Phesekgong 15, Labone

Mahlong a hao dilemo tse sekete
di ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.

2015 Phesekgong 14, Laboraru

Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.

2015 Phesekgong 13, Labobedi

Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,
nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.

2015 Phesekgong 12, Mmantaha

Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.

2015 Phesekgong 11, Sontaha

Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.

2015 Phesekgong 10, Moqebelo

Hobane ho ngotswe, ho thwe:
“Ke hlapanya ka nna,
ho rialo Morena,
mangwele wohle
a tla nkgumamela,
mme maleme wohle
a tla tlotlisa Modimo.”

2015 Phesekgong 9, Labohlane

Mahodimo a phatlalatsa
tlotla ya Morena,
sebaka sa lehodimo se a bolela,
se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
letsatsi ka leng le phetela le leng,
bosiu ka bong bo tsebisa bo bong.

2015 Phesekgong 8, Labone

Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.

2015 Phesekgong 7, Laboraru

Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.

2015 Phesekgong 6, Labobedi

Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.

2015 Phesekgong 5, Mmantaha

Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.

2015 Phesekgong 4, Sontaha

Ba tshepahalang
ba tataiswa ke botshepehi ba bona,
ba sa tshepahaleng bona ba timela,
ba timetswa
ke ho se tshepahale ha bona.

2015 Phesekgong 3, Moqebelo

Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.

2015 Phesekgong 2, Labohlane

Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.

2015 Phesekgong 1, Labone

A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela