2014 Tshitwe 31, Laboraru
Morena Modimo ke yenaya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
2014 Tshitwe 30, Labobedi
Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.2014 Tshitwe 29, Mmantaha
Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.
2014 Tshitwe 28, Sontaha
Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.2014 Tshitwe 27, Moqebelo
Modimo ke mang,haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona?
2014 Tshitwe 26, Labohlane
Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.2014 Tshitwe 25, Labone
Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.2014 Tshitwe 24, Laboraru
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.2014 Tshitwe 23, Labobedi
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.2014 Tshitwe 22, Mmantaha
Polelo tsa ya lokilengke silefera e hlwekisitsweng,
pelo ya ya kgopo ha e na thuso.
2014 Tshitwe 21, Sontaha
Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.2014 Tshitwe 20, Moqebelo
Ha ho ya halalelangjwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.
2014 Tshitwe 19, Labohlane
Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.2014 Tshitwe 18, Labone
Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.2014 Tshitwe 17, Laboraru
Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.2014 Tshitwe 16, Labobedi
E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.2014 Tshitwe 15, Mmantaha
Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.2014 Tshitwe 14, Sontaha
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
2014 Tshitwe 13, Moqebelo
Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.2014 Tshitwe 12, Labohlane
Ntlhahlobe, Modimo,o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.
2014 Tshitwe 11, Labone
Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.2014 Tshitwe 10, Laboraru
Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.2014 Tshitwe 9, Labobedi
Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.
2014 Tshitwe 8, Mmantaha
Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena. Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.2014 Tshitwe 7, Sontaha
Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.2014 Tshitwe 6, Moqebelo
Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.
2014 Tshitwe 5, Labohlane
Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.2014 Tshitwe 4, Labone
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.2014 Tshitwe 3, Laboraru
Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.2014 Tshitwe 2, Labobedi
Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.2014 Tshitwe 1, Mmantaha
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...