2014 Pundungwane 30, Sontaha
Empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
2014 Pundungwane 29, Moqebelo
Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.2014 Pundungwane 28, Labohlane
Jwalokaha lehodimole phahametse lefatshe,
tsela tsa ka le tsona
di phahametse tsa lona,
le mehopolo ya ka
e phahametse ya lona.
2014 Pundungwane 27, Labone
Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?2014 Pundungwane 26, Laboraru
Ya mphumanang o fumana bophelo,Morena o tla mo rekolohela.
2014 Pundungwane 25, Labobedi
Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.2014 Pundungwane 24, Mmantaha
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.
2014 Pundungwane 23, Sontaha
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.2014 Pundungwane 22, Moqebelo
Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.2014 Pundungwane 21, Labohlane
Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.2014 Pundungwane 20, Labone
Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.2014 Pundungwane 19, Laboraru
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.2014 Pundungwane 18, Labobedi
Ha e le nna ke tla bina,ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.
2014 Pundungwane 17, Mmantaha
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.2014 Pundungwane 16, Sontaha
Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.2014 Pundungwane 15, Moqebelo
Lona ba ratang Morena,hloyang bokgopo,
o baballa bophelo
ba batshepuwa ba hae,
o ba namolela
matsohong a ba kgopo.
2014 Pundungwane 14, Labohlane
Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.2014 Pundungwane 13, Labone
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.2014 Pundungwane 12, Laboraru
Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.2014 Pundungwane 11, Labobedi
O rata ho loka le toka;lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena.
2014 Pundungwane 10, Mmantaha
Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.2014 Pundungwane 9, Sontaha
Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.2014 Pundungwane 8, Moqebelo
Ithuteng ho etsa tse lokileng,le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele.
2014 Pundungwane 7, Labohlane
Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.2014 Pundungwane 6, Labone
Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe; le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe.2014 Pundungwane 5, Laboraru
Itlhatsweng, le itlhwekise,tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo.
2014 Pundungwane 4, Labobedi
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.2014 Pundungwane 3, Mmantaha
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.2014 Pundungwane 2, Sontaha
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2014 Pundungwane 1, Moqebelo
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...