2015 Mmese 30, Labone
Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.2015 Mmese 29, Laboraru
Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.2015 Mmese 28, Labobedi
Pholoho ya kae tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.
2015 Mmese 27, Mmantaha
Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.2015 Mmese 26, Sontaha
Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.2015 Mmese 25, Moqebelo
Ke ipileditse ho yenaka molomo wa ka,
ka mo phafa ka leleme la ka.
2015 Mmese 24, Labohlane
Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”2015 Mmese 23, Labone
Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.2015 Mmese 22, Laboraru
O setshabelo sa ka le thebe ya ka,ke tshepile lentswe la hao.
2015 Mmese 21, Labobedi
Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.2015 Mmese 20, Mmantaha
Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.2015 Mmese 19, Sontaha
Ke re ho Morena:“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
2015 Mmese 18, Moqebelo
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.2015 Mmese 17, Labohlane
Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.2015 Mmese 16, Labone
Motho o bona tsela tsohle tsa hae,o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo.
2015 Mmese 15, Laboraru
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”
2015 Mmese 14, Labobedi
Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.2015 Mmese 13, Mmantaha
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
2015 Mmese 12, Sontaha
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.2015 Mmese 11, Moqebelo
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.2015 Mmese 10, Labohlane
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
2015 Mmese 9, Labone
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.2015 Mmese 8, Laboraru
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.2015 Mmese 7, Labobedi
Ha pelo ya ka e touta haholo,matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.
2015 Mmese 6, Mmantaha
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?2015 Mmese 5, Sontaha
Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’2015 Mmese 4, Moqebelo
O ile a nyediswa,a furallwa ke batho,
ya eba motho wa mahlomola,
ya tsebang mahloko.
A tshwana le eo batho
ba tshabang le ho mo tadima;
o ile a nyediswa,
ra se ke ra mo natsa.
2015 Mmese 3, Labohlane
O ila hlajwaka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae.
2015 Mmese 2, Labone
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?
2015 Mmese 1, Laboraru
Morena ke yena moahlodi wa rona,Morena ke yena
ya re beelang molao,
Morena ke yena kgosi ya rona,
Morena ke yena ya tla re pholosa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...