2015 Motsheanong 31, Sontaha
Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.2015 Motsheanong 30, Moqebelo
Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.2015 Motsheanong 29, Labohlane
Ya sa rateng dikeletsomerero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha.
2015 Motsheanong 28, Labone
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.2015 Motsheanong 27, Laboraru
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang.2015 Motsheanong 26, Labobedi
Morena ke lesedi la kale pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?
2015 Motsheanong 25, Mmantaha
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!2015 Motsheanong 24, Sontaha
Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.2015 Motsheanong 23, Moqebelo
Lentswe la haoke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.
2015 Motsheanong 22, Labohlane
Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.2015 Motsheanong 21, Labone
Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.2015 Motsheanong 20, Laboraru
Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
2015 Motsheanong 19, Labobedi
“Mehopolo ya kahase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena.
2015 Motsheanong 18, Mmantaha
Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.2015 Motsheanong 17, Sontaha
Baballa pelo ya hao,e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo.
2015 Motsheanong 16, Moqebelo
Morena o molemo, o lokile;kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
2015 Motsheanong 15, Labohlane
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.2015 Motsheanong 14, Labone
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.2015 Motsheanong 13, Laboraru
Ke wena ya bopilengbokahare ba ka,
ya kopantseng ditho tsa ka
ke sa le popelong ya mme.
Ke a o boka,
hobane o mpopile
ka mokgwa o makatsang;
mesebetsi ya hao e a hlolla,
hona ke ho tseba hantle.
2015 Motsheanong 12, Labobedi
Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.2015 Motsheanong 11, Mmantaha
Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.2015 Motsheanong 10, Sontaha
Lena ke lona letsatsile entsweng ke Morena;
a re nyakalleng,
re thabeng ke hona.
2015 Motsheanong 9, Moqebelo
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.2015 Motsheanong 8, Labohlane
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.2015 Motsheanong 7, Labone
Ipee matsohong a Morena;o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.
2015 Motsheanong 6, Laboraru
Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?2015 Motsheanong 5, Labobedi
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.2015 Motsheanong 4, Mmantaha
Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;
mohau wa hao o moholo
ho bohle ba ipiletsang ho wena.
2015 Motsheanong 3, Sontaha
Wena motho,o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
2015 Motsheanong 2, Moqebelo
Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.2015 Motsheanong 1, Labohlane
Ke rata Morena,hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...