2015 Phupjane 30, Labobedi
Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,ke o roke hara merabe.
2015 Phupjane 29, Mmantaha
O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.2015 Phupjane 27, Moqebelo
Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.2015 Phupjane 26, Labohlane
Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.2015 Phupjane 25, Labone
Ako kgahlwe ke mantswea tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka.
2015 Phupjane 24, Laboraru
Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.2015 Phupjane 23, Labobedi
Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.2015 Phupjane 22, Mmantaha
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
2015 Phupjane 21, Sontaha
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.2015 Phupjane 20, Moqebelo
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.2015 Phupjane 19, Labohlane
Ha ba lokileng ba lla,Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
2015 Phupjane 18, Labone
Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.2015 Phupjane 17, Laboraru
Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.2015 Phupjane 16, Labobedi
Karabo e nepahetsenge thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang!
2015 Phupjane 15, Mmantaha
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.”2015 Phupjane 14, Sontaha
Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.2015 Phupjane 13, Moqebelo
Oho, Modimo, ako bope ka ho nna,o bope pelo e hlwekileng,
o kenye moya o motjha, o tiileng,
o o kenye ka sefubeng sa ka.
2015 Phupjane 12, Labohlane
Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.2015 Phupjane 11, Labone
Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”2015 Phupjane 10, Laboraru
Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
yena ke thebe
ya bohle ba tshabelang ho yena.
2015 Phupjane 9, Labobedi
Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.2015 Phupjane 8, Mmantaha
Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.2015 Phupjane 7, Sontaha
Ke ya metsamao e se nang kodi,ya etsang tse lokileng;
ya buang nnete
e tswang pelong ya hae,
ya sa etseletseng ka leleme la hae,
ya sa etseng mohahabo hampe,
ya sa tlameletseng wa habo.
2015 Phupjane 6, Moqebelo
Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.2015 Phupjane 5, Labohlane
Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.2015 Phupjane 4, Labone
Ho lehlohonolo motho ya mosa,motho ya adimanang,
ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
2015 Phupjane 3, Laboraru
Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.2015 Phupjane 2, Labobedi
Pelo e tletse manoho feta dintho tsohle,
e senyehile
hoo e ke keng ya phekolwa,
ke mang ya ka e utlwisisang?
“Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
Ke putsa motho
ho ya ka diketso tsa hae,
ho latela tholwana
tsa mesebetsi ya hae.”
2015 Phupjane 1, Mmantaha
A ke ke a sisinngwa le ka mohla,ya lokileng o tla nne a hopolwe,
a hopolwe kamehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...