2015 Phupu 31, Labohlane
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?2015 Phupu 30, Labone
Thuso ya rona e tswa ho Morena,ya entseng mahodimo le lefatshe.
2015 Phupu 29, Laboraru
Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.2015 Phupu 28, Labobedi
Tsena tsohledi tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng.
2015 Phupu 27, Mmantaha
Morena o na le nna,ha ke tshabe letho;
motho a ka nketsang?
2015 Phupu 26, Sontaha
Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.2015 Phupu 25, Moqebelo
Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.2015 Phupu 24, Labohlane
Lebitso la Morena ke qhobosheane,ya lokileng o tshabela teng,
a sireletsehe.
2015 Phupu 23, Labone
Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.2015 Phupu 22, Laboraru
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.2015 Phupu 21, Labobedi
Lebella Morena, o be sebete;tiya pelo, o lebelle Morena.
2015 Phupu 20, Mmantaha
Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.2015 Phupu 19, Sontaha
Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.2015 Phupu 18, Moqebelo
Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,ho ena le ho rata maruo.
2015 Phupu 17, Labohlane
Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.2015 Phupu 16, Labone
Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.2015 Phupu 15, Laboraru
Ho tshaba Modimoke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo.
2015 Phupu 14, Labobedi
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.2015 Phupu 13, Mmantaha
Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
2015 Phupu 12, Sontaha
O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.
2015 Phupu 11, Moqebelo
A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”2015 Phupu 10, Labohlane
Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.2015 Phupu 9, Labone
Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2015 Phupu 8, Laboraru
Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.2015 Phupu 7, Labobedi
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.2015 Phupu 6, Mmantaha
Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
2015 Phupu 5, Sontaha
Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.2015 Phupu 4, Moqebelo
E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.2015 Phupu 3, Labohlane
Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.
2015 Phupu 2, Labone
Empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.2015 Phupu 1, Laboraru
Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.Temana ya go latela!