DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phata 2015

2015 Phata 31, Mmantaha

Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.

2015 Phata 30, Sontaha

Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.

2015 Phata 29, Moqebelo

Ebang sebete, le tiye dipelo,
lona bohle ba tshepileng Morena.

2015 Phata 28, Labohlane

Na ha le tsebe,
kapa ha le eso utlwe?
Morena ke Modimo
wa kamehla yohle,
ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
A ke ke a kgathala kapa a tepella,
mehopolo ya hae
e ke ke be ya fihlelwa.

2015 Phata 27, Labone

Ya ratang ho phela,
le ho bona matsatsi a thabo,
a tshware leleme la hae
ho bua tse mpe,
le molomo wa hae
ho bua thetso.
A furalle bobe, a etse botle,
a batle kgotso, a e pheelle.

2015 Phata 26, Laboraru

Ya nang le mamello
o molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.

2015 Phata 25, Labobedi

Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

2015 Phata 24, Mmantaha

Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.

2015 Phata 23, Sontaha

Kahoo re rute
ho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe.

2015 Phata 22, Moqebelo

O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

2015 Phata 21, Labohlane

Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”

2015 Phata 20, Labone

Ya ipatlelang bohlale
o rata bophelo ba hae,
ya nang le kelello,
katleho ke ya hae.

2015 Phata 19, Laboraru

Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

2015 Phata 18, Labobedi

Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.

2015 Phata 17, Mmantaha

Ntata ya lokileng
o nyakalla haholo;
ya nang le mora ya bohlale
o itumela ka yena.

2015 Phata 16, Sontaha

Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.

2015 Phata 15, Moqebelo

A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”

2015 Phata 14, Labohlane

O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.

2015 Phata 13, Labone

Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.

2015 Phata 12, Laboraru

Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo.

2015 Phata 11, Labobedi

Motswalle o na le lerato kamehla,
ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.

2015 Phata 10, Mmantaha

Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.

2015 Phata 9, Sontaha

Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.

2015 Phata 8, Moqebelo

Lefatshe ke la Morena
le tsohle tse ho lona,
lefatshe le bohle
ba ahileng ho lona.

2015 Phata 7, Labohlane

Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?

2015 Phata 6, Labone

Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.

2015 Phata 5, Laboraru

Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang.

2015 Phata 4, Labobedi

Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.

2015 Phata 3, Mmantaha

Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.

2015 Phata 2, Sontaha

Ako mpaballe Modimo,
hobane ke tshabela ho wena.

2015 Phata 1, Moqebelo

Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.