Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang? “Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”
Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.
Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.
Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho, hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”