DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tšhegofatšo (2/4)

  • Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
  • Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,
    hobane ba tla bitswa
    bana ba Modimo.
  • “Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.”
  • Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.
  • Morena Modimo ke yena
    ya mmatlafatsang,
    ya potlakisang maoto a ka
    jwaloka a dikgama,
    ya ntsamaisang hodima dihlaba.
  • Ho lehlohonolo motho
    ya sa lateleng dikeletso
    tsa ba kgopo,
    ya sa tsamayeng
    tseleng ya baetsadibe,
    ya sa duleng mokgatlong wa basomi.
  • Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa jwalokaha a buile ho lona. Le tla adimana ka tsa lona ho ditjhaba tse ngata, empa lona le ke ke la adima letho ho tsona. Le tla busa ditjhaba tse ngata, empa tsona di ke ke tsa le busa.
  • Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.
  • Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.
  • O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.
  • Modimo o re hlohonolofaditse,
    a tshajwe ke bohle lefatsheng,
    ho isa dipheletsong tsa lona.
  • O se ipone o le bohlale,
    tshaba Morena, o sesefe bobe.
    O tla phela hantle mmeleng,
    masapo a hao a tiye.
  • Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
  • Ho lehlohonolo
    ba pelo di hlwekileng,
    hobane ba tla bona Modimo.
  • Morena a ke a matlafatse
    setjhaba sa hae,
    Morena a ke a se hlohonolofatse
    ka kgotso.
  • Ya inyaletseng mosadi wa sebele
    o lehlohonolo,
    ya jwalo Morena o mo hauhetse.
  • Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
    ke nne ke mo rorise kamehla.
  • Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.
  • Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae,
    o tlotlisa bahlophehi
    ka ho ba pholosa.
  • Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
  • Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.
  • Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”
  • Pholoho e tswa ho Morena.
    Tlhohonolofatso ya hao
    e ke e be hodima setjhaba sa hao.
  • Mahlohonolo a aparela ba lokileng,
    polelo tsa ya kgopo
    di kwetlile bosoro.
  • Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.

Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe.
Bala tše dingwe...