2025 Mphalane 31, Labohlane
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
2025 Mphalane 30, Labone
Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.2025 Mphalane 29, Laboraru
Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.2025 Mphalane 28, Labobedi
O re tshwarele ditshito tsa rona,jwalokaha le rona re tshwarela
ba re sitetsweng.
2025 Mphalane 27, Mmantaha
Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.2025 Mphalane 26, Sontaha
Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.2025 Mphalane 25, Moqebelo
Ke tshepile Morena,moya wa ka
o tshepile lentswe la hae.
2025 Mphalane 24, Labohlane
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.2025 Mphalane 23, Labone
Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.2025 Mphalane 22, Laboraru
Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
2025 Mphalane 21, Labobedi
Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.2025 Mphalane 20, Mmantaha
Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.2025 Mphalane 19, Sontaha
Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.
2025 Mphalane 18, Moqebelo
Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”2025 Mphalane 17, Labohlane
Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.2025 Mphalane 16, Labone
Ho loka ho atlehisa setjhaba,empa sebe ke sekgobo ho sona.
2025 Mphalane 15, Laboraru
Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.2025 Mphalane 14, Labobedi
Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”2025 Mphalane 13, Mmantaha
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?
2025 Mphalane 12, Sontaha
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.2025 Mphalane 11, Moqebelo
Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.2025 Mphalane 10, Labohlane
Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
2025 Mphalane 9, Labone
Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.2025 Mphalane 8, Laboraru
Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.2025 Mphalane 7, Labobedi
Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
2025 Mphalane 6, Mmantaha
Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe.2025 Mphalane 5, Sontaha
Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.2025 Mphalane 4, Moqebelo
Tlotla e be ho Modimomahodimong a hodimodimo,
kgotso e be lefatsheng
ho batho ba mo kgahlang!
2025 Mphalane 3, Labohlane
Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.2025 Mphalane 2, Labone
O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?2025 Mphalane 1, Laboraru
Oho, Morena, Modimo wa mabotho,ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.