2025 Leotshe 30, Labobedi
Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.2025 Leotshe 29, Mmantaha
Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng.2025 Leotshe 28, Sontaha
O hlokomela metsamaoya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi.
2025 Leotshe 27, Moqebelo
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.2025 Leotshe 26, Labohlane
Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.2025 Leotshe 25, Labone
O fodisa ba pelo di hlabehileng,o tlamella maqeba a bona.
2025 Leotshe 24, Laboraru
Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.2025 Leotshe 23, Labobedi
Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.2025 Leotshe 22, Mmantaha
Ka pelong ya ka nna ke re:“Morena ke yena kabelo ya ka,
kahoo ke itshepetse yena feela.”
2025 Leotshe 21, Sontaha
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.2025 Leotshe 20, Moqebelo
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”2025 Leotshe 19, Labohlane
Ebe motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?
2025 Leotshe 18, Labone
Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.2025 Leotshe 17, Laboraru
Pelo tsa lona di ke di swabe,ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo.
2025 Leotshe 16, Labobedi
Qamaka ka hlokomoo o hatang teng,
tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
2025 Leotshe 15, Mmantaha
Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.2025 Leotshe 14, Sontaha
Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.2025 Leotshe 13, Moqebelo
Boka Morena, wena moya wa ka;botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.
2025 Leotshe 12, Labohlane
Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.2025 Leotshe 11, Labone
Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.2025 Leotshe 10, Laboraru
Ya tshwarang leme la haeo baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela.
2025 Leotshe 9, Labobedi
Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.2025 Leotshe 8, Mmantaha
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.2025 Leotshe 7, Sontaha
Ke a o thabela,ke nyakallela ho wena;
ke roka lebitso la hao,
wena Ya Hodimodimo.
2025 Leotshe 6, Moqebelo
Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.2025 Leotshe 5, Labohlane
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.2025 Leotshe 4, Labone
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
2025 Leotshe 3, Laboraru
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.2025 Leotshe 2, Labobedi
Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!2025 Leotshe 1, Mmantaha
Morena o lokileho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?