2025 Phata 31, Sontaha
Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.2025 Phata 30, Moqebelo
E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.2025 Phata 29, Labohlane
Ba tshepahalangba tataiswa ke botshepehi ba bona,
ba sa tshepahaleng bona ba timela,
ba timetswa
ke ho se tshepahale ha bona.
2025 Phata 28, Labone
Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”2025 Phata 27, Laboraru
Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.2025 Phata 26, Labobedi
Nke ke ka lebaladitaelo tsa hao le ka mohla,
hobane ke ka tsona
o nneang bophelo.
2025 Phata 25, Mmantaha
Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?2025 Phata 24, Sontaha
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.2025 Phata 23, Moqebelo
Morena, ako utlwe thapelo ya ka,o sekehele thapedi ya ka tsebe,
o se hane ho mamela sello sa ka.
Ke mojaki naheng ya hao,
ke mofeti jwaloka bo-ntate.
2025 Phata 22, Labohlane
Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.2025 Phata 21, Labone
Ya bohlale ke mang?Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona.
2025 Phata 20, Laboraru
Diphiri di senolwa ke yena,tse mafifing le tsona o a di tseba,
leaho la lesedi le fumanwa ho yena.
2025 Phata 19, Labobedi
Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”2025 Phata 18, Mmantaha
Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.2025 Phata 17, Sontaha
Hase ka sabole ba hapileng naha eo,leha e le ho hlola
ka matsoho a bona;
empa e bile
ka tsoho la hao le letona,
le ka sefea sa hao,
le ka ho ba phuthollela
fahleho sa hao,
hobane o ne o ba rata.
2025 Phata 16, Moqebelo
Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.2025 Phata 15, Labohlane
Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.2025 Phata 14, Labone
Ithuteng ho etsa tse lokileng,le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele.
2025 Phata 13, Laboraru
Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.2025 Phata 12, Labobedi
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”2025 Phata 11, Mmantaha
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
2025 Phata 10, Sontaha
Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.2025 Phata 9, Moqebelo
Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.2025 Phata 8, Labohlane
Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.
2025 Phata 7, Labone
Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”2025 Phata 6, Laboraru
Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.2025 Phata 5, Labobedi
Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
2025 Phata 4, Mmantaha
Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.2025 Phata 3, Sontaha
Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”2025 Phata 2, Moqebelo
Leme le thabisangke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
2025 Phata 1, Labohlane
Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ebe motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?