2025 Phupu 31, Labone
Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya.2025 Phupu 30, Laboraru
Latswang, le utlwemolemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.
2025 Phupu 29, Labobedi
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.2025 Phupu 28, Mmantaha
Eya, o itjelle dijo ka thabo,o inwelle veine o nyakaletse,
hoba Modimo o sa kgahlisitswe
ke ketso tsa hao.
2025 Phupu 27, Sontaha
Ha ho ya halalelangjwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.
2025 Phupu 26, Moqebelo
Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo.2025 Phupu 25, Labohlane
Empa jwalokaha ho ngotswe,“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”
2025 Phupu 24, Labone
Ha ba lokileng ba lla,Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
2025 Phupu 23, Laboraru
Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!2025 Phupu 22, Labobedi
Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.2025 Phupu 21, Mmantaha
Ho lehlohonoloba pelo di hlwekileng,
hobane ba tla bona Modimo.
2025 Phupu 20, Sontaha
Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.2025 Phupu 19, Moqebelo
Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.2025 Phupu 18, Labohlane
Morena o tutubolla mahlo a difofu.Morena o phahamisa
ba kgokgopaneng;
Morena o rata ba lokileng.
2025 Phupu 17, Labone
Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.2025 Phupu 15, Labobedi
Se kgelohele ka ho le letonakapa ka ho le letshehadi,
mehato ya hao
e o phemise bokgopo.
2025 Phupu 14, Mmantaha
Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?2025 Phupu 13, Sontaha
Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.2025 Phupu 12, Moqebelo
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
2025 Phupu 11, Labohlane
Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.2025 Phupu 10, Labone
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?2025 Phupu 9, Laboraru
Ho tshaba Morenake qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso.
2025 Phupu 8, Labobedi
Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake.2025 Phupu 7, Mmantaha
Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.2025 Phupu 6, Sontaha
Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
2025 Phupu 5, Moqebelo
Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.”2025 Phupu 4, Labohlane
Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.2025 Phupu 3, Labone
Ya entseng hore tsee di etsahaleke mang?
ya bitsitseng meloko
ho tloha tshimolohong
ke mang?
Ke nna Morena,
ebile ke nna wa ho qala,
ke nna Morena
ya tla ba le ba ho qetela.
2025 Phupu 2, Laboraru
Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.2025 Phupu 1, Labobedi
Lentswe lena ke la nnete, le reng:“Haeba re shwele le yena,
re tla phela le yena.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...